Home
Login
Login to access online journals
Ho keteka letsatsi la ditokelo tsa botho ho bohlokwa PDF  | Print |  E-mail
Dilemong tse 47 tse fetileng, letsatsi la 21 Tlhakubele selemong sa 1960, mapolesa a mmuso wa mehleng wa kgenthollo a ne a bolaye batho ba 69, a lematsa ba bangata. Batho bana ba ne ba entse mokoloko wa boipelaetsi wa kgotso kgahlanong le melao ya dibukana tsa boitsebeso (pass laws).  Sehopotso sa letsatsi la dipolao tsa Sharpville (Sharpville Massacre) se ile sa tsejwa e le ‘Sharpville Day’. ‘Sharpville Day’ kajeno e tsejwa e le letsatsi la ditokelo tsa botho (Human Rights Day), letsatsi leo Afrika Borwa e lokelang ho hlahloba ditaba tse amanang le mahlakore ohle a ditokelo tsa botho.
 
FXI e ipelaetsa kantle ho meaho ya SABC PDF  | Print |  E-mail
Sehlopha sa ‘Freedom of Expression Institute (FXI)’ se ile sa etsa mokoloko wa boipelaetso kantle ho emaho ya lekgotla la kgaso la Afrika Borwa Johannesburg.  Mokoloko o na o bile ka nako e lenngwe le lenaneo la  AM Live le haswang ke sebohodi se hlwahlwa John Perlman. Perlman o tlohetse ho hasa lenaneo lena tlasa leru le letsho mabapi le karolo ya SABC jwaloka sephatlatsi sa setjhaba.
 
Tloho ya ditokelo tsa botho e butswela hlaha ya phamokate (AIDS) PDF  | Print |  E-mail
Haesale ka mora hore ho hlahe kokwana ya kokwana ena ka 1980, kwatsi ya bosolla hlapi (HIV) le phamokate (AIDS) e nkile maphelo a dimilione tse 22 mme e tshwaeditse batho ba fetang dimilione tse 60.  Ka 2006 phamokate e tshwaeditswe batho va dimilione tse 5 mme ya feta le maphelo a bona.
 
Afrika Borwa e ya lenaneng la ho lekalekana ka bong PDF  | Print |  E-mail
Afrika Borwa e hlolehile ho sireletsa basadi botlokotsebeng le ho ntlafatsa mokgwa o e tobanang le ditlhoko tsa bona.  Mokga wa ‘Sonke Gender Justice Network’ o pele Afrika Borwa tabeng ena o beile diqeto tsena reporting ya naha e phatlalditsweng kopanong ya bo 51 ya komishini ya dinaha tse kopaneng (United Nations Commission) New York ka maemo a basadi.
 
Komishini ya ditokelo tsa botho ya Afrika Borwa PDF  | Print |  E-mail
Komishini ya ditokelo tsa botho Afrika Borwa (South African Human Rights Commission) e thehetswe ho tiisa matla a molaotheo pusong ya rona ya thato ya bohle.  E ikemiseditse ho ho nyolla tlhompho, poloko le tshireletso ya ditokelo tsa batho bohle ntle le tshabo kapo leeme.
 
<< Start < Prev 1 2 Next > End >>

Results 1 - 9 of 10