|
Lenyora la ho ba mme ya sa sebetseng |
PDF
|
| Print |
|
E-mail
|
Jwale ke kgwedi tse bone Rebecca Radebe a kgutletse mosebetsing, empa o
ne a ka thabela ho dula hae le moradi wa hae wa kgwedi tse hlano, feela
o tlameha ho boloka mosebetsi wa hae hore a tsebe ho iphedisa.
Radebe ke mothusi (personal assistant) bankeng. Mosadi enwa ya lemo di 3 wa Soweto hape o na le mora ya lemo tse robong. Ke e mong wa basadiba bangata ba Afrika Borwa ba nang le bana ba banyane ba hlokang ho lokomelwa empa ba tlameha ho sebetsa.
Ka nako ya kgale basadi ba ne ba lebelletswe ho hlokomela lelapa ha banna ba ilo tsoma hore ba fepe basadi le bana ba bona. Empa ha ho sa le jwalo.
Ho ya ka ‘Human Sciences Research Council’ le dipatlisiso tsa ‘United Nations Fund For Development of Women (mokotlwa wa mokga wa matjhaba wa ntlafatso ya basadi) karolo ya basadi mosebetsing e nyolohile haholo mengwaheng ya ho qetela ya mongwahakgolo o sa tswa feta.
Ka mora ho bewa ya molao o shebaneng le ho hirwa ka ho leka-lekana mesebetsing (Employment Equity Act) wa 1998, kgoromente wa Afrika Borwa o nkile bohato bo tiileng ba ho fedisa nalane ya kgenthollo lebitsong la morabe, bong le boqhwala.
Ka hoo molao o tlama boramesebetsi bohle ho fihlella ho leka-lekana ka bong mosebetsing, ho bolelang hore basadi ba bangata ba ntse hohelwa mosebetsing.
Le ha ho le jwalo, sena se etsahala ka nako eo basadi ba matjhabeng ba sebetsang ba tlohelang mesebetsi ho ya hodisa bana ba bona.
E be taba ya basadi ba dulang lapeng ho hodisa bana Afrika Borwa e tla ba le kgatello e itseng batswading ba amehang?
Mohlabolli wa kelello (Psychologist) Corlene Olivier o re dilemo tse pedi tsa pele di bohlokwa kgolong ya ngwana. O nahana hore ho bohlokwa hore mma ngwana a be teng ka nako ena.
Le ha e le qeto e thata, mme ka mong o tlameha ho nka qeto ho ya ka maemo a bophelo ba hae.
”Ho etsa phapang e kgolo ha ngwana a ithuta ho mmae dilemong tse qalang tsa bophelo, ho ena le ho motho ya mohlokomelang. Ho lekanya lerato le thuto ho etsa ophelo bo be bonolo ngwaneng,” o rialo.
"Ka lehlakoreng le leng, ha mme a sebetsa, ho bohlokwa ho isa ngwana polokelong ya bana motsheare ha a le mosebetsing moo a tla hlokomelwa ke batho ba rupelletsweng mosebetsi ona,” o rialo.
Natalie Gahrmann o fana ka dikeletso ho bo mme ba sebtsang ho www.bluesuitmom.com, mme o dumela hore bo mme ba lokela ho fumana mekgwa e sebetsang hantle ho kenyeletsa mosebetsi maphelong a bona a ka mehla.
Gahrmann ke monga kgwebo e bitswang ‘N-R-G Coaching Associates’, e America e thusang batswadi ba sebetsang.
O re “Ho hlophisa nako le ho hlophisa mesebetsi hantle lapeng le mosebetsing ho bohlokwa haholo. Ho tlatsa mona, tlhophiso le tjhebelopele di tla o tsheetsa mosebetsing wa hao o motjha wa botswadi.
“Netefatsa hore o fumana boroko bo anetseng, o ja ka tshwanelo mme o ikwetlisa hantle hore o dule o le morolo o phetse hantle.”
Le ha a na le mothusi ya hlokomelang ngwana ha a le mosebetsing, Radebe o ipona a le molato hobane ha a na nako e lekaneng ya lesea la hae. “Nka rata ho dula hae ke hodise ngwanaka, empa ka moo dintho di le ka teng, ha ke tsebe hobane ke tlameha ho sebetsa hore re phele.
“Le ha ke na le mothusi ya dulang lapeng le rona, ke dula ke ngongorehile ka bophelo ba ngwanaka,” o rialo a tlatsa ka hore sena ha se ya lokela ho bonwa e le lethswao la ho se tshepe mohlokomedi wa ngwana hae.
Keletso ya Gahrmann ke hore: "Ha re tloheleng ho ipeha molato. Ho ikwahlaya ho hlaha tulong tse ngata ho bo mme ba sebetsang. Ba bangata ba lliswa ke ho siya bana ba bona le ho fetwa ke diketsahalo tsa bohlokwa kgolong ya bona.
“Ba bang ba ipeha molato hobane ba nyoretswe phephetso le kgotsofalo eo ba e fumananng ha ba sebetsa esita le ho ba le batho ba bang ba baholo. Ka hoo ha ho na taba hore o kgutlela mosebetsing ka lebaka la tjhelete kapo ka o ithatela, ke qeto eo o inkileng ho ya ho sebetsa eo e leng lebaka.
“O ka nna wa se be le matla a ho laola tsohle, empa o na le matla a ho laola kelello, boitshwaro le maikutlo a hao. Ho sebetsa ha ho fetole maikutlo a hao ka ngwana, ka hoo se ke wa itshwabela.
Letsatsi la Radebe le qala hoseng ka madunwga-dungwane, ka hora ya bohlano, ha ngwana a tsoha a nyanya.
“Ka nako e le nngwe ke tlameha ho lokisetsa moraka ho ya sekolong mme le nna ke lokela ho itokisetsa ho ya mosebetsing. Ho thata ho tsamaya,” o rialo a tlatsa ka hore o patadisetsa matsatsi a beke ka ho leka ho ba le nako le bana le molekane wa hae mafelong a beke.
Keletso ya Gahrmann ke hore: Se kopanye mosebetsi le nako ya hao lapeng.
“Balehela ho dula o ntse o bua ka ngwana hao mosebetsing. Ho lokile ho bua ka yena le ho bontsha batho ditshwantsho tsa hae, empa se ke wa fetella. Hape se ke wa lla ka mosebetsi ha o le hae.
O tlatsa ka hore bomme ba lokela ho ithuta ho kopana le bo mme ba bang ba kgutletseng mosebetsing.
“E tla ba baruti ba hao ba hlwahlwa. Batla batho ba maemoeng a tshwanang le a hao, kapo ba kileng ba feta ho ona.”
Mohlodi: www.thestar.co.za
Tlaleho ena o e tliseditswe ke Agenda- turning up the volume on gender equity. Ho fumana ka botlalo ka sehloho sena o ka ikopanya le rona ho (031) 304-7001/2/3.
|