|
Ho lekanya mosebetsi le ho ba mme |
PDF
|
| Print |
|
E-mail
|
|
Haesale ho tloha kgale basadi ba kgathatswa ke taba ya ho kgetha pakeng
tsa mosebetsi le ho hodisa bana. Batho ba lebelletse hore mosadi a be
le bana empa hape ho ba le bana ho thulana le morero wa hae wa ho
tswelapele mosebetsing le ho sebetsa ka bokgabane. Basadi ba bangata ba
nka kgefu mosebetsing ha bana ba bona ba hlaha. Qeto ena e nk’wa tlasa
lebaka le reng ho bonolo ho tlohela mosebetsi nakwana nako ya hao yohle
e felle kgodisong ya bana.
Bongiwe Ndlovu ya lemo di 38 ya nang le kgwebo ya ho phehela mekete o re o ne a sa ikutlwe e le mme wa sebele ka lebaka la ho se kgotsofala hantle moyeng. “O tlameha ho sebtesa hape o be mme ka ho lekana. Ha ke etsa mosebetsi oo ke o ratang, ke ya kgotsofala, mme ha ke kgotsofetse ke tsohile molota ke mme wa sebele,” ho bolela Ndlovu.
Ndlovu o re o tswa mengwaheng eo ho neng ho dumelwa hore mosadi a ka se tsebe ho hodisa bana a be a sebetse mosebetsi o tswetseng pele. O re tumelo ena ha se nnete. Ho ya ka ho fapana ha batho. Ha a fumana moradi wa hae o ne a nahana hore ha a no tseba ho phetha dintho tsena di le pedi. “Ho ne ho le thata. Ke ile ka tlala naha ke batla tulo ya ho boloka bana ha ke le mosebetsing empa ha ho le e nngwe e ileng ya nthabisa.”
Ndlovu o re ho qala kgwebo ya hae ho ne ho tla mo thusa ho sebetsa dihora tse tla mo dumella hore a be le moradi wa hae a lemo di 5. Ho ntse ho ena le tumelo e wetseng lehlakoreng le leng e tobaneng le mme ya sebetsang, empa Ndlovu ha a e nkele hodimo ka lebaka la mosebetsi o tsweling matsoho o etswang ke bomme.
Lindie Engelbrecht ya lemo di 31, mosadi wa pele wa ho fuwa mosebetsi KPMG o re “ho ba mme ya sebetsang ha ho bolele hore re dithotho kapo ha re tsebe mosebetsi wa rona. Ho ba mme ho o etsa mosebetsi wa mmakgonthe – ke kgona ho etsa mesebetsi e mengata ka nako e le nngwe, ke na le kutlwelo bohloko ya ba sebetsi mmoho kapo bao re ba sebeletsang, hape ke ithutile ho iponahatsa ho bao ke ba sebeletsang hobane ke dutse ke ikgopots, ke bontsha bana baka hore ke mme ka hoo ba se lebale seo,” o rialo.
Engelbrecht ke hloho ya ‘KPMG Network for Women (Know)’ mme ke mohlanka ya tshepahalang wa tumelo e reng ho tlameha ho be teng ho lekana mosebetsing. O na le tjhebelo pele e tsitsitseng hape o inehetse mosebetsing le baneng ba hae.
”Hangata ho boima ho paka mekotla ka bo 1:00pm o tsamaye ofising o siye mosebetsi morao. Empa ka mora 1:00pm ke nako ya hoba le bana baka mme ha ho ya ka nkang nako eo ho nna. Ha ke le mosebetsing ke fumana ke sebetsa hantle halofo ya letsatso ho ena le ho sebetsa letsheare lohle.”
Engelbrecht o hopola ka moo dilemo tsa pele tsa mora hae di neng di le boima ka teng.
Ha a botswa hore na ebe qeto ya hae e ne e tla fapana le eo a e nkileng jwale haeba moo a sebetsang ho ne ho ena le moo ho bolokwang bana, o arabile ka hore: “Ee, ke nahana hore dintho di ka be di fapane hobane ke ne ka tla lokoloha moyeng ke siye moraka polokelong ya bana mme ke ilo sebetsa hantle. Ke nahana hore ho ba le tulo ya polokelo ya bana mosebetsing ke ntho e ntle ha o na le bana, mme o tlameha ho ya mosebetsing. Empa e ka se fetole maikutlo a ka a ho sebetsa dihora tseo ke di sebetsang jwale. Ke motlotlo ka nako eo ke nang le yona le bana baka mantsiboya mme nka se e fetole le kgale.”
Tlaleho ena o e tliseditswe ke Agenda- turning up the volume on gender equity. Ho fumana ka botlalo ka sehloho sena o ka ikopanya le rona ho (031) 304-7001/2/3.
|