Home
Login
Login to access online journals
Ke boele mosebetsing? Kapo tjhe… PDF  | Print |  E-mail
Ho ba mme ho tlisa diphetoho tse kgolo bophelong, diphetoho tse qosang hore mosadi ya sebetsang a tlohele ho sebetsa. Ena ha se qeto e lokelang ho nkuwa hanyane mme ho bohlokwa ho qala ka ho hlahloba diphephetso tseo o tla kopana le tsona pele ngwana a hlaha, empa o ka ema nakwana ho fihlela ngwana a hlaha pele o nka qeto e phethahetseng.  Ho ba teng maikutlo a mangata a hlabanang, a fetohang hangata dibekeng tse latelang ho hlaha ha ngwana. Maikutlo ana ha a ya tsitsa hantle ka nako eo mosadi e sa le mokgatjhane, mme ha a tsebe hore o tla nka qeto efe.

Ha qeto e le ho tlohela mosebetsi kapo e le ntho e kelellong ya mme ka nako eo, ho bohlokwa ho tseba hore ho ba mme ho fetola bophelo haholo mme ho tla hloka dibetsa tse kgolo ho tsheetsa phetoho tsena.

O ka ikutlwa o le molato wa ho tlohela mosebetsi ho ya hodisa ngwana. Ho ba mme ke mosebetsi wa nnete o hlokang nako e ngata. Empa ha ho tsela e bonolo ya ho tswa tabeng ena.

Ha o ikutlwa hore o ka se tsebe ho fetwa ke dilemo tsa pele kgolong ya ngwana hao, ha se qeto e mpe ho hang hobane mesebetsi e dutse e le teng, e ya feta e kgutle, empa dinako tse bohlokwa kgolong ya ngwana hao ha di kgutle.

Ho bohlokwa ho netefatsa hore wena le molekane wa hao le buisane ka ditlamorao tsa qeto ena ka botlalo.  Buisanang ka maikutlo a lona tabeng ena mme le leke ka tsela tsohle ho fihlella qeto e tla le thabisang bobedi  ya hore dintho di tla tsamaiswa jwang ho tloha jwale.

Buang ka dintlha tsohle tsa ho arola mokgolo o kopanetsweng, ho ya ho boikarabelo ba ho hlokomela ngwana, ho latela maikutlo a molekane, mme o tsebe hore le wena o na le mosebetsi wa ho hodisa ngwana. O tlameha ho leka ho hlophisa matsatsi a mang hore o be le nako eo e leng ya hao o le mong.

Mme ya sebetsang o tlameha ho itokisetsa letsatsi la ho kgutlela mosebetsing le hore ho tla ba thata ho feta ha a ne a nahana. O tla ipona a le molato, haholo haeba a inketse qeto ya ho kgutlela mosebetsing.  O tlameha ho leka ho se dumelle batho ba bang ho o susumetsa. Empa sheba seo  wena le molekane wa hao le se hlokang, le maikemisetso a lona lapeng la lona, mme o tshepe diqeto tsa hao.

Ke wena ya tsebang se o loketseng tabeng ena. Sheba mabaka a lokileng a ho kgutlela mosebetsing jwaloka ka ho ba le tjhelete e nngwe, ho dula o tseba ka diphetoho tse ntjha mosebetsing le ho kgotsofala mosebetsing.

Ha maikutlo a hao a fetoha ha nako e tsamaya, o ka nna wa a etsa diphetoho tse itseng.  Ha ho sebetsa ho kgotsofatsa karolo e itseng ya bophelo ba hao, sena se tla o thusa ho ba mme wa sebele hobane o tla be o thabile moyeng mme o ikutlwa o felletse.

Tlaleho ena o e tliseditswe ke Agenda- turning up the volume on gender equity. Ho fumana ka botlalo ka sehloho sena o ka ikopanya le rona ho (031) 304-7001/2/3.