Home
Login
Login to access online journals
Bokgatjhane, ho ba mme le ho sebetsa PDF  | Print |  E-mail
Se lebelle hore o tla dula o le mafolofolo, o le maemong a hodimo mosebetsing ka nako eo o leng mokgatjhane.  Haholo-holo dikgweding tsa pele, o tla ba le mokgathala o moholo o fellwe ke morolo. Ha nako e tsamaya ho ba bonolonyana lehlakoreng la matla. Ha o se o tla fumana ngwana ho ba le mathatanyana.  Ha o ikutlwe hantle mme o ka nna wa ba le mathata a ho robala dihora tse 8 bosiu. Taba ya bohlokwa ke ho se leke ho ba ‘ramatla’, o leke ho hlola lefatshe.  Iphe nako ya ho tlwaela mekga ena e fapaneng ya bokgatjhane mme o hopole hore o se o le maphatha-phathe ke mosebetsi o moholo haholo wa ho tlisa bophelo bo botjha lefatsheng.

Se ke wa wela selomong sa ho kwekwe ya morao.  Bongata ba bomme ba batjha ba lla ka hore ba ne ba ikemiseditse ho nka beke ya ho qetela kapo tse pedi tsa ho qetela tsa kgefu mosebetsing hore ba ba be le nako eo e leng ya bona ba le bang pele ngwana a hlaha.  Bothata ke hore bana ba bangata ha ba hlahe ka nako e lebelletsweng mme basadi bana ba iphumana ba tlameha ho kgutlela mosebetsing hang ngwana a qeta ho hlaha. Hang ha ngwana a hlahile, mosebetsi wa hao o ka nna wa fetoha. Taba tsa ho sebetsa mosebetsi o tsekedisang e tla fela, ha mmoho le ho sebetsa dihora tse telele.  O tla tlanngwa ke dihlophiso tseo o di behetseng tlhokomelo ya bana mme o tla kgutlela lapeng ka nako e tshwanang ka mehla. Se ka itshepisa ka ho ya le mosebetsi lapeng. Ha ho bonolo ho nahanela se o emetseng ha o fihla hae. O ka ba le ngwana ya batlang nako ya hao, kapo ya nag le letswejane kapo ya kulang.  Hape o hloka nako ya ho robala.

Ha o ikemiseditse ho tswelapele ka ho antsha lesea la hao, o tla tlameha ho ba le pompo ya ho hama lebese matsweleng. Netefatsa hore ofisi ya hao e na le sebaka sa ho hama le ho boloka lebese lena.

Ho sebeletsa hae ho na le ditholwana tse ntle tsa hore o tla ba le nako e ngata le leseanyana la hao motsheare, empa hlokomela dintlha tse latelang:

•    E ba le mothusi ya tla hlokomela bana le ha o le teng lapeng. Ho thata ho sebetsa o hlokomela bana ka nako e le nngwe.
•    Kgetha sebaka sa ho sebeletsa se kgutsitseng moo o sa tlo phatsamiswa ke lerata le leng le leng le tswang ngwaneng.   Ha o sebeletsa mahlong a ngwana, o tla batla o mo natse,  a seke a batla mohlokomedi wa hae.

Mohlodi: www.health 24.com

Tlaleho ena o e tliseditswe ke Agenda- turning up the volume on gender equity. Ho fumana ka botlalo ka sehloho sena o ka ikopanya le rona ho (031) 304-7001/2/3.