Home
Login
Login to access online journals
Bo ntate ba nka karolo e bonahalang maphelong a bana ba bona PDF  | Print |  E-mail
Le ha a etsa mosebetsi o kgathatsang, monga kgwebo ya botaki (graphic design), S’fiso Majola o re lelapa la hae le tla pele.  Ha a se ofising o qeta nako a pheha kapo a thusa ho hlokomela moradi wa hae ya kgwedi di 10 Nkanyezi. Hoseng hara beke S’fiso le mohatsae ba tjhentjhana ka ho tola, ho jesa le ho apesa Nkanyezi, mme ka hangata ke yena ya mo isang polokelong ya bana ya letsatsi tseleng e yang mosebetsing.  Ha nngwe ka beke o sebetsa ka mohala hore a tle a be le nako le moradi wa hae Nkanyezi.

Ho ba le karolo ha S’fiso bophelong ba moradi wa hae ho bonahala ho bo ntate ba bang ba nang le seabo se kgodisong ya bana dilemong tsena. Michael Lamb, PHD, moporofesara wa dithuto tsa ‘social & developmental psychology’ Cambridge University le basebetsi mmoho le ena, ba qolla dipatlisiso tsa bona merabeng e fapaneng tse supang hore lerato la bo ntate le seabo sa bona ka lapeng ho thusa bana ho hola hantle setjhabeng le moyeng.  Hape babatlisisi ba tshepa hore ba tla tlisa diphetoho tse itseng mokgweng oo bahlabolli ba kelello (psychologists) le makgotla a dinyewe a bonang bo ntate. Lamb o re ho fetoha ha karolo ya bo ntate ho tlile ka nako eo basadi ba qalang ho sebetsa. Pakeng tsa lemo sa 1948 le sa 2001 dipesente tsa basadi ba sebetsag kapo ba batlang mosebetsi di ile tsa menahana habedi ho tloha ho 33 ho ya ho 60 ho ya ka dipalo-palo tse entsweng ke ‘Employment Policy Foundation's Center for Work and Family Balance’. Ka lebaka lena, bontate ba tshwanang le S’fiso ba nkile mosebetsi oo e neng e le wa bomme pele, ho bolela Lamb. “Kgale-kgale bontate ba ne ba se na nako ya bana ha ba sa le banyenyane dilemong,” o rialo. “Ba ne ba ba le kamano le bana ba bona ha ba se ba le baholonyana dilemong.  Empa jwale e se e le bona ba pele tlhokomelong ya bana ho tloha ba sa fokola dilemong.”

Tlaleho ena o e tliseditswe ke Agenda- turning up the volume on gender equity. Ho fumana ka botlalo ka sehloho sena o ka ikopanya le rona ho (031) 304-7001/2/3.