|
Komishini ya ditokelo tsa botho ya Afrika Borwa |
PDF
|
| Print |
|
E-mail
|
Komishini ya ditokelo tsa botho Afrika Borwa (South African Human Rights Commission) e thehetswe ho tiisa matla a molaotheo pusong ya rona ya thato ya bohle. E ikemiseditse ho ho nyolla tlhompho, poloko le tshireletso ya ditokelo tsa batho bohle ntle le tshabo kapo leeme.
HO ya ka Molaotheo le molao o shebaneng le ditokelo tsa botho wa 1994 (Constitution and the Human Rights Commission Act of 1994), mosebetsi wa Human Rights Commission ke ho:
• Aha tsebo ka ditokelo tsa botho bathong ba Afrika Borwa.
• Ho eletsa mmuso ho ntlafatsa tsela eo e tsamaisang taba tsa ditokelo tsa botho.
• Ho etsa dihlahlobo le ho bea diphetho tsa dihlahlobo tsena palamenteng tabeng tsa ditokelo tsa botho.
• Ho fuputsa ka ditletlebo tsa ditlolo tsa ditokelo tsa botho le ho batla ditlhabollo tse loketseng.
Komishini e sebetsa le kgoromente, setjhaba le motho ka mong ba Afrika Borwa le matjhabeng ba beileng leihlo tsleng eo sebediswang hore batho ba fumane ditokelo tsa bona.
Le ha tsamaiso ya ditletlebo tsa ditokelo tsa botho e le setsong sa komishini, e ikemiseditse ho aha tlwaelo ya ho hlompha ditokelo tsa botho ka ho ruta setjhaba, ho etsa dipatlisiso le ho bea leihlo tsamaisong ya tsa molao. Ho tlatseletsa Komishini e bea leihlo le ho aha dipehelo tse amanang le molao o busang ditokelo tsa botho.
Diporojeke tse sa tswa etswa, tse seng di le teng le tse reretsweng ka moso di kenyeletsa:
• Ho ithuta ka merabe dikolong
• diphuputso ka kgenthollo ya morabe diphatlalatsong
• Ntshetsopele ya letsholo le kgahlanong le kgenthollo ya matswantle
• Ho bea leihlo ho ditokelo tabeng tsa moruo setjhabeng
• Dipatlisiso tse kenyeletsang bana le diphetho tsa tsona
• Seboka sa naha mabapi le kgenthollo ka morabe
• Diphuputso mabapil le kgenthollo ka morabe tsamaisong ya molao
• Phuputso ya tlhekefetso ya motabo ya bana
• Ditokelo tsa botho ditulong tsa mapolasing
• Tsamaiso ya molaotheo (ho leka-lekana le ho fuman tsebo ka tsa molao ha bonolo)
• Morero wa naha wa ho nka bohato kgahlanong le kgenthollo ka morabe
• Morero wa mmuso wa ho nyolla le ho sireletsa ditokelo tsa botho
• Seboka sa boraro sa matjhaba mabapi le kgenthollo ka morabe (UN 3rd World Conference on Racism)
• Ditokelo tsa matswantle ho tsa moruo setjhabeng
• Ho bea leihlo boikarabelong ba Afrika Borwa ditokelog tsa matjhaba tsa botho
Komishini ya ditokelo tsa botho (The Human Rights Commission) e na le komishini e etsang dipehelo (policies), le lekala la bongodi (secretariat) le ntshetsang dipehelo tsena pele. Modulasetulo ke hloho, mme ho na le ditho tse ding tse 10 tsa komishini, e mong le e mong wa bona o na le boikarabelo lekaleng le itseng la ditokelo tsa botho - tsa bana, batho ba sa itekanelang mmeleng, ditokelo tsa setjhaba ka kakaretso, jwalo-jwalo – ha mmoho le naheng ya Afrika Borwa ka botlalo.
Jody Kollapen, ya neng a sebetse komishineng e le motlatsa modulasetulo ho tloha ka 1996 o ile a kgethelwa ho ba modulasetulo ka Mphalane 2002.
Komishini e thehile diofisi tse 5 diporofensing ho netefatsa hore ditshebeletso tsa bona di fumaneha ka botlalo.
DIOFISI TSA KOMISHINI TSE HAUFI LE WENA:
Human Rights Advice Line
0860 120 120
(office hours, Mon-Fri)
Head office / Gauteng
Tel (011) 484 8300
Eastern Cape
Tel (041) 582 4094 / 2611
Free State
Tel (051) 447 1130
KwaZulu-Natal
Tel (031) 304 7323 / 4 / 5
Limpopo Province
Tel (015) 291 3500 / 04
Western Cape
Tel (021) 426 2277
Mohlodi: www.southafrica.info/ess_info/sa_glance/constitution/sahrc.htm
Tlaleho ena o e tliseditswe ke Agenda- turning up the volume on gender equity. Ho fumana ka botlalo ka sehloho sena o ka ikopanya le rona ho (031) 304-7001/2/3.
|