Home
Login
Login to access online journals
Afrika Borwa e ya lenaneng la ho lekalekana ka bong PDF  | Print |  E-mail
Afrika Borwa e hlolehile ho sireletsa basadi botlokotsebeng le ho ntlafatsa mokgwa o e tobanang le ditlhoko tsa bona.  Mokga wa ‘Sonke Gender Justice Network’ o pele Afrika Borwa tabeng ena o beile diqeto tsena reporting ya naha e phatlalditsweng kopanong ya bo 51 ya komishini ya dinaha tse kopaneng (United Nations Commission) New York ka maemo a basadi.
Afrika Borwa e fumanwe e theohile mekga e mmedi ditekanyetsong tsa matjhaba ya fumanwa e le lenaneng la dinaha tse fetelletseng kagtikellong ya ditokelo tsa basadi lefatsheng ka bophara.  Repoto ena e re tlhekefetso ho ya ka bong naheng ena e fihlelletse maemong a tshosang haholo le ha Afrika Borwa e nkile bohato ba ho kgetha basadi ditulong tse hodimo makaleng a setjhaba le a ka thoko.

Dipalo-palo tsa botlokotsebe Afrika Borwa di supa hore basadi le bana ba ke bona ba kgahlapetswang haholo ke ditlolo tsa molao mkegeng e tsheletseng ya: dipolao, teko ya polao, dipeto, ho hlokofatswa, ho tlatlapa ka tsela e tshabehang, le ho tlatlapa ka sepheo sa ho ntsha kotsi.  Repoto ena e ne e ngolletse ofisi ya moporesidente, mme e re dikahlolo tse tlase tsa nyewe tsa dipeto le tlhekefetso ya lapeng ke tsona tse etsang hore batlolamoalo ba tswelepele ka ketso tsena tsa bona tse mpe.

Repoto ena e re kgoromente o tlameha ho eketsa disabo tsa ditjhelete lehlakoreng la tsa molao a eketse tsheetso ya tjhelete makaleng a shebaneng le tsa bong. Dilemong tse 3 tse fetileng Afrika Borwa e nylohile ho tloha ho 90 ho ya ho 92 tekanyetsong ya ntlafatso ho ya ka bong.  Norway, Iceland, Australia, Ireland and Sweden di di hula pele lehlakoreng lena mme basadi ba teng ba fumana tshwaro e lekanang.  Burkina Faso, Mali, Sierra Leone le Niger di tlase lenaneng lena.

Lenane lena le ne le sheba maemo a ho ruteha a batho ba baholo, ho kenyelletswa le thuto ya dikolong tse tlase ho ya dikolong tsa thuto tse phahameng le tjhelete eo ba e kgolang mosebetsing.

Norway, Iceland le Australia ke dipesente tse 99 tsa batho ba rutehileng ho kopanyelletsa le banna, banna le basadi ba kena dikolong tsa dithuto tse phahameng ka ho lekana mme basadi ba kgola tjhelete e batlileng e lekana le ya banna mesebetsing.  Empa Mali, Sierra Leone le Niger, ha ho phapang e kaalo pakeng tsa ntlafatso ya banna le basadi.

Mali ena le dipesente tse 11 tsa basadi ba rutehileng le tsa banna tse 26.  Dipesente tse 3 tsa basadi ba ingodisang ditulong tsa dithuto tse phahameng di tlase haholo ha di lekanngwa le tsa banna tse 4.

Dipatlisiso tsen di supa hore Sierra Leone e na le dipesente tse 24 tsa basadi ba rutehileng ha e lekanngwa tse banna tse 46, le tse 55 tsa basadi ba ingodisang dikolong tsa dithuto tse phahameng ha tsa banna stona di le 75.
Naheng ya Niger teng ke dipesente tse 15 tsa basadi ba rutehileng ha banna bona di le 42 mme basadi ba yang dikolong tsa dithuto tse phahameng ba 18% ha banna bona ba le 25.  Le ha Afrika Borwa e le kapele ho naha tsena dipalo-palong tsena, e fumanwe e le moaro dinaheng tseo basebetsi ba teng ba kgolang meputo e bohareng jwaloka ka Mexico, Thailand and Uruguay.

Egypt, Mauritius, Tunisia, Cape Verde le Algeria di sutumeleditse Afrika Borwa maemong a bo 6 lenaneng la dikontinente.
Bafana Khumalo ya neng a thehe Sonke o re diphetoho ho tsa bong naheng ena di tla dula di sa bonahale hantle hofihlela banna ba nkuwa e le karolo ya bohlokwa diphetohong tsena.  “Ha feela re sa phephetse banna hore ba be le boikarabelo re buwe le bona ka taba tsa bong, ho tla nka nako e telele ho tlisa diphetoho,” ho rialo Khumalo.

Ba lwanelang ditokelo tsa bong ba itse ha ngongorehile ke ho theoha ha Afrika Borwa lenaneng la matjhaba.  Lisa Vetten, ya mohlahlobi mokgatlong wa ‘Tshwaranang Legal Advocacy Centre to End Violence Against Women’ (mokgatlo o shebaneng le tsa molao le tlhekefetso ya basadi), o itse e theotswe ke ho fokola ha ntshetso pele ya dipehelo (policy) tse tiileng le ho itshetleha ha naha ena tsamaisong e ya ditaba tsa tlolo tsa moalo.

“Hantle-ntle ho theoha hona ho bolela hore lengope le teng pakeng tsa ho bua phatlalatsa le diketsahalo ha le so fetohe, mme mohlomong ho se ho teng ho ema nqa e le nngwe ho keneng”, o rialo.

“Re hloka ditharollo ho feta mafapha a tsamaiso ya molao,” o tlatselletsa Vetten.

Ya buellang ‘Commission for Gender Equality’, Yvone Mogadie o itse seboka se sa tswa tshwarwa banka karolo ba qollotse matla a bewang banneng e le motso wa dintho tse thibelang tswelopele/ntlafatso ya basadi le ho leka-lekana ka bong Afrika Borwa.

Mohlodi: www.mg.co.za 

Tlaleho ena o e tliseditswe ke Agenda- turning up the volume on gender equity. Ho fumana ka botlalo ka sehloho sena o ka ikopanya le rona ho (031) 304-7001/2/3.