Home
Login
Login to access online journals
Tloho ya ditokelo tsa botho e butswela hlaha ya phamokate (AIDS) PDF  | Print |  E-mail
Haesale ka mora hore ho hlahe kokwana ya kokwana ena ka 1980, kwatsi ya bosolla hlapi (HIV) le phamokate (AIDS) e nkile maphelo a dimilione tse 22 mme e tshwaeditse batho ba fetang dimilione tse 60.  Ka 2006 phamokate e tshwaeditswe batho va dimilione tse 5 mme ya feta le maphelo a bona. Empa ho ya ka sehlopha se beileng leihlo ho ditokelo tsa botho (Human Rights Watch) le mekgatlo e meng, dilemong tse 25 phamokate e fumanwe, ke dinaha tse mmalwa feela tse tswetseng pelo lwantshana le bohloko bona.  Dinaha tsena di faneka tsebo e tebileng setjhabeng ka tshwaetso ya HIV, tsa bea leihlo tabeng ya maphelo a basadi le bana a kotsing ya ho hlokofatswa, tsa netefatsa hore dikgohlopo (condoms) di fumaneha ha bonolo, ho sebediswa dinale (needles) tse hlwekileng, mme tsa eketsehaho fumaneha ha bonolo ha meriana e lwantshanang le kokwana ena.

Ditsebi di hatellang hore ditjhaba tse qhelelwang ka thoko hobane di anngw ake HIV/AIDS di kotsing e kgolo ya tshwaetso.  Batho bana ba kenyeletsa barwetsana, batho ba sebedisang dithethefatse tsa dinalete, barekisang ka mmele, banna ba yang motabong le banna ba bang, batha dutseng ba le tseleng, le mapantiti – dihlopha tse dutseng e le mahlatsipa a kgenthollo le tlolo tse ding tsa ditokelo tsa botho.

Kamano pakeng tsa tlolo ya ditokelo tsa basadi le ho ba kotsing ya ho tshwaetswa ke bohloko bona e bonahala haholo Sub-Saharan Africa, moo dipesente tse 50 tsa basadi di nang le phamokate.  Ho ya ka RHW, ka 2003 halofo ya bokgoromente bohle ba Sub-Saharan Afrika ba ne ba so behe melao e fedisang kgenthollo ya batho ba nang le HIV/AIDS, empa e le hore bonngwe borarong ba naha tse ding lefatsheng ka bophara di nkile bohato ba ho fedisa kgenthollo ya batho ba tshwaeditsweng ke bohloko bona.

“Ha re ka lwantshana le bohloko bona ka ho lwantsha tlolo ya ditokelo tsa botho, re ka bo hlola.  Re ka hlola fela ha re ka ba le dithibela tse tiieleng le tsebo e tletseng e fuwang batho.  Re tlameha ho ntlafatatsa setjhaba ho nak bohato bo hlokehang ho hlokomela lefu lena le ho re ba ka nka boikarabelo bofe kgahlanong le bona,” ho rialo Amon.

Ho ngola le ho otla ba tlolang tokelo tsa botho mabapi le HIV/AIDS ho bohlokwa ho hlokomedisa batho hore ba lwantshane le bohloko bona. HRW e re ha dinaha di sa tobane le HIV di itshetlehile dipehelong tsa ditokelo tsa botho le tsbeong e tswang phethong tsa dipatlisiso tsa boramahlale, bohloko bona bo tla hola.

Dihlopha tsa ‘Caucus for Evidence-Based Prevention’, kopano ya mekgatlo e seng tlasa kgoromente ya United States, le balekane ba bang ba bona ba matjhaba ba tsheetsa tlhokeho ya ho thibela HIV re itshetlehile ho diphetho tsa dipatlisiso tse tebileng e tsheetswa. Sepheo sa bona ke ho ntshetsa pele dintlha kemo tse nang le diphetho tse tiileng tsa ho theola sekgahla sa tshwaetso ya HIV.

Hantle-ntle ho ya ka mokga o etswang ke mekgatlo e ka bang 30 tlasa mabaka a fapaneng hangata ho ntshetswa pele dintlha kemo tse sa lokang ho ena le tseo ho tswejwang hantle hore di ya sebetsa.

Mohlala Uganda ke naha e neng e le pele e kgonneng ho thibela tshwaetso ya HIV, empa ho bonahal sekgahla sa thswaetso se se se phahama hape haesale kamora hore kgoromente le dihlopha tsa efankgedi/kereke di tsamaisa molaetsa wa hore batho ba se ye motabong feela mme ba lwantsha tshebediso ya dikgohlopo.

Naheng ya Thailand eo le yona e neng e le boemong bo pele ba ho lwantsha phamokate, tshebediso ya dikgohlopo e theohile mme tshwaetso ya mafu a motabo e nyolohile.  HRW e re kgoromente wa naha ena ha e etse letho ho fokotsa tshwaetso bathong ba sebedisang dithethefatse le ba rekisang ka mmele, mme he sena se eketsa tshwaetso ya phamokate.  Naheng ya Zimbabwe batho ba ka bang 350 000 ba hloka meriana e lwantshanang le kokwana ena ka potlako empa ke ba 25 000 feela ba kgonang ho e fumana.  Dilemo tsa ho phela tsa batho di theohetse ho 34, mme dilemo tsena ke tse tlase haholo lefatseng ka bophara.

Naheng ya US, basadi ba maAfrican American (morabe o motsho wa Amerika) ba kotsing e menahaneng makgetlo a 19 ya tshwaetso ho feta ba morabe o mosweu.   Palo ya tshwaetso tse ntjha e eme maemong a le mang mengwaheng ena, me HRW e re “mananeo a neng a entswe a phephetsa setjhaba ho lwantshana le phamokate ba ithute ho itshireletsa ho kwatsi ya bosolla hlapi a se a tlositswe ke dithero tsa ho fedisa ho eletswa ha motho ka mong ya batlang ho etsa teko ya madi, jwale bongaka ba se ba etsa diteko ho motho ohle eo ba mo alafelang HIV”.

“ E nngwe ya tsela tsa ho fedisa bohloko bona ke ho ba le boikarabelo ho tiileng ho tswa ho bo kgoromente, ka hore ho be teng tshebedisano mmoho e tiileng pakeng tsa setjhaba le kgoromente tabeng ya ho bea leihlo lefung lena, ba be le merero e tiileng le nako tsa ho ikarabella setjhabeng mabapi le ho bea leihlo ho tswelopele ya ntweng ena,” ho rilao Amon.
“Naheng tsa Afrika e ka Borwa mohalala, ho na le dipehelo tse ngata tse shebaneng le ho ba kotsing ha basadi hape le ho se sireletswe hantle leho tlolwa ha ditoelo tsa ho ba le leruo/lefatshe (property rights).  Tsamaiso ya setso le yona ha e etse letho ho ikarabella ditlolong tsena,” o rialo.

Mmokeng o sa tswa fela wa ‘Group 8 St Petersburg, Russian Federation’, baetapele ba ruileng lefatsheng lohle ba entse selekane sa ho “fihlella tswelopele e bonahalang” twantshanong le HIV/AIDS ho fihla ka 2010.  Le ha ho le jwalo ba lwanelang taba tse tobaneng le lefu lena (activists) ba re bakenyang letsoho ntweng ena ba lokela ho eketsa tsheetso ya tjehlete kapo ha ba no fihlella sepheo sa bona seo ba se fihletseng sebokeng sena Gleneagles, Scotland, sa ho fana ka pheko ho maAfrika a dimilione tse 4 ka 2010.

Hore ba fihlelle pheko lefatsheng lohle ho hlokwa dibilione tse 10 tsa ditolara ($10 billion).
Letshepa le leholo le beilwe sebokeng sa ka la 13 Pudungwana ho ya ho 18 Toronto, moo HRW e ipeleditseng ho baemedi ba bokgoromente, maofisiri a ‘United Nations’ le banka karolo ba bang ka hore “ha ho tshireletswa ditokelo tsa batho ba kotsing, ha ntlafatswa ba kgenthollwang, ho ka thusa tlholo dipale tse mmalwa tsa tlholo kgahlanong le AIDS mmme ho be teng tse ding tse ntjha.”

Tlaleho ena o e tliseditswe ke Agenda- turning up the volume on gender equity. Ho fumana ka botlalo ka sehloho sena o ka ikopanya le rona ho (031) 304-7001/2/3.