|
FXI e ipelaetsa kantle ho meaho ya SABC |
PDF
|
| Print |
|
E-mail
|
Sehlopha sa ‘Freedom of Expression Institute (FXI)’ se ile sa etsa mokoloko wa boipelaetso kantle ho emaho ya lekgotla la kgaso la Afrika Borwa Johannesburg. Mokoloko o na o bile ka nako e lenngwe le lenaneo la AM Live le haswang ke sebohodi se hlwahlwa John Perlman. Perlman o tlohetse ho hasa lenaneo lena tlasa leru le letsho mabapi le karolo ya SABC jwaloka sephatlatsi sa setjhaba.
Sepheo sa mokoloko ona wa boipelaetso e ne e le ho batla karabo ya memorandum e nehilweng phatlalatso ena ke ditho tsa FIX tse lwanelang ditokelo tsa botho. Memorandum ena e ile a newa SABC ka nako eo ho neng ho entswe mokoloko wa boipelatso ka Pudunwgane 26 mme ha se fumanwe karabo ho tswa ho SABC.
Memorandum e ne e hlahisa ditaba tse ngata tse ngongorehisang batho bao SABC e reng e ya ba sebletsa. Taba e ka sehlohong mona ke ya hore SABC e bonahala e ntse e ritsa hanyane boikarabelong ba yona ba ho ba phatlalatso ya setjhaba mme e bonahala e sebediswa ke kgoromente ho tsamaisa ditlhoko tsa yona. Lenaneong lena la dingongoreho ho qollwa taba ya hore ditaba tse phatlalatswang, ho fuwa lebitso le lebe la di (commentators) ho se phatlalatswe ha lenaneo le neng le entwe ka moporesidente Thabo Mbeki, ho qolla tse mmalwa.
Ho se hlahise maikutlo ha SABC ka ditletlebo tsena ho qositse FXI ho bula nyewe e maqephe a 20 ho ICASA ya hore SABC e tlotse molao o shebaneng le tsa phatlalatso (Broadcasting Act) le dipehelo tse lengolong la yona le e dumellang ho phatlalatsa. Qoso ya FXI o ka e bala ka ho kgelohela ho http://www.fxi.org.za
Ditlolo tsena ke letshwao la bokgoni ba Board la ho laola mafapha a kgaso a setjhba. Le ha ho beilwe leihlo ho SABC ka lebaka la taba ya ho ngolwa dibukeng tse mpe ta motsamaisi wa kgaso ya ditaba Snuki Zikalala, sepheo sa FIX e ne e le ho hohela mahlo tabeng ya hore Board ya SABC ya jwale ha e na bokgoni ba ho tsamaisa kgaso lekgotla lena la kgaso la setjhaba. Ditho tsa Board ke baemedi ba setjhaba ba kgethilweng ke palamente ka hoo ba ka se tshwarelwe.
Baipelaetsi ba re ditho tsa Board di lokela ho tloswa ho kgethwe batho bao molao o busang tsa kgaso o reng “ba itlame ho ba le toka, ba dumelle bolokolohi ba ho ntsha maikutlo, tokelo ya hore setjhaba se hasetswe diketsahalo ho sa patwe letho mme ho be le boikarabelo ho ba tshwereng marapo”.
Tlaleho ena o e tliseditswe ke Agenda- turning up the volume on gender equity. Ho fumana ka botlalo ka sehloho sena o ka ikopanya le rona ho (031) 304-7001/2/3.
|