Home
Login
Login to access online journals
Ho keteka letsatsi la ditokelo tsa botho ho bohlokwa PDF  | Print |  E-mail
Dilemong tse 47 tse fetileng, letsatsi la 21 Tlhakubele selemong sa 1960, mapolesa a mmuso wa mehleng wa kgenthollo a ne a bolaye batho ba 69, a lematsa ba bangata. Batho bana ba ne ba entse mokoloko wa boipelaetsi wa kgotso kgahlanong le melao ya dibukana tsa boitsebeso (pass laws).  Sehopotso sa letsatsi la dipolao tsa Sharpville (Sharpville Massacre) se ile sa tsejwa e le ‘Sharpville Day’. ‘Sharpville Day’ kajeno e tsejwa e le letsatsi la ditokelo tsa botho (Human Rights Day), letsatsi leo Afrika Borwa e lokelang ho hlahloba ditaba tse amanang le mahlakore ohle a ditokelo tsa botho. Ditokelo tsa botho ke ditokelo tse ka sehlohong ditokelong tsa motho e mong le e mong, mme dilokela ho hlomphuwa.  Ditokelo tsena ha di na pheletso. Motho o na le tsona bophelo bohle ba hae ha ho na mang kapa mang ya ka mo amohang tsona.

Ditokelo tsa tlhaho tsa maAfrika Borwa di ne di sa tshireletswe pele naha ena e ba le puso ya thato ya bohle ka 1994.  Letsatsi la ditokelo tsa botho (21 Tlhakubele) ke letsatsi leo maAfrika Borwa a ketekang ditokelo tsa botho le ho hopotswa ka ditokelo tsena.  Ditokelo tsa botho ke ditokelo tse motho ohle a nang le tsona hobane feela e le motho. Ha re ya lokela ho etsa ho itseng ho di fumana mme re ka se di amohuwe hobane ke ditokelo tseo re tswalwang le tsona.

Ditokelo tsa botho di tshireleditswe tlasa molaotheo wa Afrika Borwa karolong ya 2 ya molao o shebaneng le tokelo tsa botho (Chapter 2 of the Bill of Rights). Molaotheo ke ke molao o okametseng melao yohle Afrika Borwa.  Motho ohle Afrika Borwa, ho kenyeletsa le kgoromente ba lokela ho o hlompha.  Melao e beilweng ho molaotheo ha e fetolwe ha bonolo, ka hoo ditokelo tse molaong o shebaneng le tokelo tsa botho ho thata ho di fetohola.  Ho bolelang hore ho bonolo hore motho a tjhentjhe ditokelo tsa hao kapo a leke ho o amoha tsona.

Ka ha motho ka mong o na le tokelo tsena ho sa shejwe morabe, dilemo kapo bong ba hae, kaofela re tlameha ho hlompha ditokelo tsa batho.  Ha ho thuse hore o na le tokelo tsena haeba o tsamaya o sa hlomphe tsa batho ba bang. Kaofela ha rona re tlameha ho hlompha le ho latela melao ya naha ena.

Ka la 21 Tlhakubele ka 1960, ho ne ho entswe dithero tsa ho tswa letsholo kgahlanong le melao ya dipasa (Pass Laws) ya mehleng mabatoweng a fapaneng a naha.  Melao ena  e ne e hatella batho ba Rantsho ba sebetsang kapo ba dulang ditoropong kapo tikolohong tsa ditoropo ho tsamaya ba tshwere tokomane e neng e bistwa pasa ka nako tsohle.  Ha o ka fumanwa o sa e tshwara o ne o kwallwa tjhankaneng kapo kapo le lelekwe toropong eo o dulang ho yona.

Ka letsatsi lena batho ba ile ba nka qeto ya ho ya diteisheneng tsohle tsa mapolesa ntle le dipasa tsa bona ba re mapolesa a ba tshware.  Sepheo sa bohato bona e ne e le hore batho ba bangata ba tla tshwarwa mme ditjhankana di tla tlala hoo naha e ne e tla hloleha ho sebetsa hantle. Sena se ne se etswe ka tshepo ya hore melao ya dipasa (Pass Laws) e tla fediswa.

Sharpville Gauteng, dikete-kete tsa batho di ile tsa kgokahana seteisheneng sa mapolesa ba re mapolesa a ba tshware.  Ba ile ba kopana le mapolesa a 300. Ha tsoha morusu, mapolesa a bulela ka kulo letshwe;eng. Bonnyane batho ba 67 ba ile a bolawa mme ba 180 ba ntshwa kotsi ke ho thunngwa.  Batho bana ba ne ba ipelaetsa kgahlanong le melao e nang le leeme mme ba ne ba lwanela ditokelo tsa bona.  Bongata ba ditokelo tsena kajeno bo kentswe ho ‘Bill of Rights’, mme di kenyeletsa tokelo tse latelang:
-    Leka-lekana (Equality)  - Karolong ya 9)
-    Poloko ya seriti sa botho (Human dignity) – karolong ya 10
-    Bolokolohi ba ho hlahisa maikutlo (Freedom of expression) – Karolong ya 16
-    Ho etsa mmoka, ho ipelaetsa, kapo ho etsa mokoloko wa boipelaetso le ho teka mangolo a boipelatso (Assembly, demonstration, picket and petition) – Karolong ya 17
-    Bolokolohi ba ho ba setho sa mekga kapo dihlopha tse itseng (Freedom of association) – Karolong ya 18
-    Bolokolohi ba ho tsamaya le ho dula moo o ratang (Freedom of movement and residence – Karolong ya 21.

Re keteka letsatsi lena selemo se seng le se seng ho ikgopotsa ka tshotleho le tahlehelo ya maphelo e neng e tsamaya le ntwa ya ditokelo ya botho. Ke ho re hopotsa hore batho ba Afrika Borwa ha ba sa tla hlola ba hanelwa ka ditokelo tsa bona le ka mohla o le mong.

Tlaleho ena o e tliseditswe ke Agenda- turning up the volume on gender equity. Ho fumana ka botlalo ka sehloho sena o ka ikopanya le rona ho (031) 304-7001/2/3.